Lesotho: Batseteli ba Rutoa Tlhahiso e Hloekileng ho Hohela Bareki ba Machabeng
…Nakong ena eo Letona la Khoebo, Mokhethi Shelile, a reng Lesotho le tobane le ntoa e matla limmarakeng tsa lefatše, ’me le tlameha ho phahamela mapoqo hore le pholohe.
16 Mesa 2025 ka Pascalinah Kabi
Est. Read Time: 5m

Lilemong tsa morao tjena, bareki ba thepa lefatšng ka bophara, ho kenyeletsa le Lesotho, ba hlokolosi haholo ka hore na lihlahisoa tseo ba li rekang li tsoa kae le hore na li hlahisoa tlasa maemo afe. Bareki ba rata ho tseba hore thepa ea bona – ebang ke litaemane kapa liphahlo – e hlahisoa ka mekhoa e hlomphehang, e amohelehang [ethical sourcing].
Ka lebaka lena, mokhatlo oa Worldwide Responsible Accredited Production (WRAP) o hlophisitse thupelo ea matsatsi a mabeli ho fa batseteli ba Lesotho tsebo ka tlhahiso e hloekileng.
Tlhahiso e hloekileng e bolela ho latela melao e laolang likhoebo, ho hlompha litokelo tsa basebetsi le melao ea bosebetsi. kenyelletsa ho nena khethollo, ho hana khiro ea bana le ho nena ho sebelisa basebetsi tlasa khatello. E boetse e akarelletsa ho qoba tlhekefetso le ho sireletsa tikoloho, ho kenyeletsa ho se silafatse metsi.
Lilemong tse fetileng, lifeme tsa Lesotho li ile tsa tuma ka ho silafatsa metsi. Tšilafalo ena e bile ea lebisa hore nokana e ngoe Ha Thetsane, e qetella e bitsoa Mabolou. Mabolou e tlile ka lebaka la ‘mala o moputsoa o bakiloeng ke litšila tsa libokate. Lifeme tsena li boetse tsa tuma ka khatello ea litokelo tsa basebetsi le tlhekefetso ea basali ba sebetsang ho tsona.
Ele e meng ea mekuto ea ho lokisa mathata ana, Competitive and Financial Inclusion (CAFI), e tšehelitse thupelo ena e tšoaretsoeng bo batseteli ba lifeme ho tloha ka la 15-16 Mesa 2025 Maseru.
Thupelo ena ke tšalo-morao ea ileng ea etsahala selemong sa 2024 tlasa tataiso ee WRAP – o mong oa mekhatlo ea machaba e fanang ka mangolo a netefatso ho lifeme tse latelang melao-motheo e leshome le metso e ‘meli ea “Worldwide Responsible Apparel Production Principles.”
Ke phuthehong ena moo moemeli oa WRAP a ileng a botsa batseteli hore na ho na le liketsahalo tsa ho qobella batho ho sebetsa [forced labour] likhoebong tsa bona. Karabo e bile che.
Sena se ile sa susumetsa Moeketsi Khuele, Motsamaisi oa Ts’ehetso ea Matsete le Tlhokomelo ea Kamora Matsete (Investment Facilitation and Aftercare Manager) ho tsoa Lesotho National Development Corporation (LNDC), ho khothaletsa batseteli hore ba bue ’nete. Khuele o itse ho bua ’nete ho tla thusa hore likhoebo tsa bona li fumane thupelo e ba tšoanelang.
Khuele o itse ka linako tse ling, batseteli ba qobella basebetsi ho tsoela-pele ka mosebetsi ho fihlela ba phethetse sepheo sa letsatsi [target/score]. Le hoja taba ena e ka ’na ea bonahala e le nyane ebile e se kotsi e tebileng, Khuele o itse ke e ’ngoe ea lintho tse kenyelletsang ho sebetsa tlasa khatello.
O khothalelitse batseteli hore ba bue ’nete ka mathata ao ba tobanang le ona, hore ba tle ba fumane thuso e nepahetseng.
Khuele o re ho pata litaba ha ho ba thuse, hobane basebetsi ba tla bolela ’nete nakong ea lipotso [interview], ’me seo se ka ama menyetla ea likhoebo tsa bona ho fumana lengolo la tlhahiso e hloekileng (accreditation).
WRAP e thehiloe ka selemo sa 2000 ke American Apparel and Footwear Association. Ka 2008, WRAP e ne e se e netefalitse lifeme tse 1,700 linaheng tse 60, ’me ea fana ka mangolo a 1,100 selemong seo. Ka Hlakola 2018, WRAP e ile ea ba molekane oa molao oa boikarabelo sechabeng (Corporate Social Responsibility – CSR) oa American Apparel and Footwear Association.
WRAP e rupela batseteli ba Lesotho libeke tse ’maloa ka mor’a hore ’muso oa Amerika o kenye Lesotho lekhetho la 50 percent ho thepa e tsoang Lesotho, e romelloa naheng ea Amerika.
Le hoja liqeto tsa lekhetho li behelletsoe ka thoko ho fihlela matsatsi a 90 a fetile, qeto ea ho otla Lesotho ka lekhetho la 50 percent e behile mesebetsi ea batho ba ka bang 12,000 ba sebetsang lifemeng kotsing e kholo, kaha lifeme tsena li romella boholo ba thepa ea tsona ’marakeng oa Amerika.
Letona la Khoebo, Mokhethi Shelile, o re bareki ba bangata lefatšeng ba se ba qalile ho sebelisa mehloli e fapaneng ea ho reka thepa. Ka lebaka leo, o re lifeme tsa Lesotho li lokela ho phahamela maphoqo, li ikamahanye le maemo a khoebo ea machaba hore li tle li qothisane lehlokoa le lifeme tsa linaha tse ling.
“Re tlameha ho tseba hore na re etsang joang har’a ntoa e matla ea khoebo ea ho hohela le ho boloka bareki bao re loantšanang le bona le linaha tse kang Kenya, Madagascar, Ethiopia, Mauritius le Tanzania. Hape, re tobane le tlholisano e matla le linaha tse kang China, Vietnam, Bangladesh le Central America tse nang le lifeme tse nang le thekenoloji e phahameng le basebetsi ba koetlisitsoeng hantle,” ho rialo Shelile.
O re ke ka lebaka lena LNDC e buisanang le mekhatlo ea machaba e fanang ka netefatso ea tlhahiso e hloekileng. O re mekhatlo eo LNDC e ntseng e buisana le eona e fumaneha Amerika le Afrika Boroa, ’me e hlalosetsoa ka liqholotso tseo batseteli ba tobanang le tsona.
O boetse a re tlhalosa ea LNDC e kenyelletsa boitlamo ba Lesotho ho netefatsa hore tlhahiso e latela melao ea tikoloho, sechaba (social), tsamaiso e nepahetseng (governance) le thibelo ea tlhekefetso (gender-based violence).
“Ka hona, re tlameha ho tiisa lefapha lena ka tšehetso e tsoang ho ’Muso oa Lesotho,” ho rialo Shelile.