Search for:
  • Home/
  • Current Affairs/
  • Muso oa America o Eketsa Nako ea ho Emisa Lithuso tsa Machabeng ka Matsatsi a 30 

Muso oa America o Eketsa Nako ea ho Emisa Lithuso tsa Machabeng ka Matsatsi a 30 

22 Mesa 2025 ka Monyane Khau

Lesotho hammoho le linaha tsohle tse fumanang lithuso ho tsoa ho ’Muso oa America li tla boela li eme matsatsi a mang a 30 pele li tseba ka bokamoso ba lithuso tsa Machabeng tsa ‘Muso oa America. Sena ke ho ea ka leselinyane le tšepahalang la Amerika le bitsoang Devex.

Devex e tlaleha hore ’Muso oa Amerika o bonahala o hlanohetse polelo ea pele e neng e hlalositse ha tlhahlobo ea lithuso tsa kantle ho naha e phethetsoe. Ho ea ka Devex, litaba tsena li hlahella lengolo le kahare ho ’muso le ngoetsoeng ke Lefapha la Litaba tsa Kantle ho Naha (State Department), le bontšang hore nako ea tlhahlobo e ekelitsoe ka matsatsi a 30.

“Ka nako ena e ekelitsoeng, re tla sebetsa ho etsa tlhahlobo e ’ngoe hape ea mafapha le ho bokella likeletso tse tla isoa ho S ebe li ea ho [Ofisi ea Tsamaiso le Tekanyetso]," ho boletse Jeremy Lewin, motsamaisi e mocha oa lithuso tse tsoang linaheng tse ling Lefapheng la Litaba tsa Kantle ho Naha, a bua ka mongoli oa litaba tsa kantle ho naha. 

“Nako e beiloeng e lokela ho tsamaellana hantle le tlhahiso ea likhakanyo tsa lichete, hape e bontše hantle hore, kaha tlhahlobo e potlakileng ea S mabapi le mananeo a USAID le State [a thuso ea kantle ho naha] e etsahetse ka Hlakola, [tlhahlobo ea thuso ea kantle ho naha] e se e le tokomane e shebaneng haholo le tekanyetso ea bokamoso.”

Muso oa America, tlas’a boetapele ba moporesitente Donald Trump, o ile oa emisa hang-hang lithuso tsa machabeng ka Pherekhong 2025, ho ipha monyetla oa ho etsa tlhahlobo e tebileng mabapi le tšebeliso ea lichelete tsa naha linaheng tse amohelang thuso.

Khefu-khekhenene ena ne e reretsoe ho fela ka la 20 ‘Mesa 2025, moo lefatše le neng le tla fuoa leseli mabapi le bokamoso ba lithuso tsena. Lithuso tsena tsa USAID li kenyelletsa tšehetso ho thibelo le toantšo ea HIV/AIDS, lefuba, le lipatlisiso tsa bohlokoa lefapheng la bophelo bo botle. 

Leha ho le joalo, linaha tse amehang li tla boela li emele matsatsi a 30 ka holima a pele a 90, pele li ka tseba ka sephetho sa hore na muso oa America o tla felisa lithuso tsee ka ho felletseng, kapa o tla tsoela pele ka tsona tlas’a litumellano tsa khale kapa tse nchafalitsoeng.

Mona Lesotho, ke basebetsi ba 804 ba ileng ba felloa ke mesebetsi ka lebaka la liqeto tsa Mopresidente Trump tsa ho emisa lithuso tsa machabeng. Ka la 17 Tlhakubele 2025, Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo (WHO) o ile oa tsebisa baphatlalatsi ba litaba hore Lesotho ke e ’ngoe ea linaha tse tlo felloa ke litlhare tsa li-ARV likhoeling tse hlahlamang, ka lebaka la liqeto tsa ’Muso oa Amerika.

Leha ho le joalo, Lekala la Bophelo Lesotho le hlalositse sena e le mafosisa, polelong ea lona ea la 14 ‘Mesa 2025.

“Lekala la Bophelo le tiisetsa batho bo phelang le HIV hore litlhare tsa ARV li ntse li fumaneha, ho sa natsoe ho khaoloa ha lithuso ke ‘Muso oa America mathoasong a selemo sena.

“Muso oa Lesotho ka Lekala la Bophelo, o na le mokotla o lekaneng oa ho reka le ho fana ka litlhate tsa HIV litsing tsohle tsa Bophelo le litsing tse ka hara sechaba tse fanang ka litšebeletso tsa kalafo e joalo,” ho rialo phatlalatso ea la 18 Mesa 2025.

Phatlalatso e tsoela pele ka ho re: “Ho fihlela joale, ha ho le seng sa bophelo naheng ka bophara se koetsoeng kapa se felletsoeng ke litlhare ka lebaka la ho khaoloa hoa lithuso ke ‘Muso oa America.”

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required