‘Le Ha Motho A Ka Hlaha Moo A Mpolaea, Ho Lekane Ka Nna’
24 Hlakola 2025 ka Pascalinah Kabi
Lineo Koloane, mosali ea lilemo li 24 oa Ha Moroka tikolohong ea Pae-lea-Itlhatsoa, Mokhotlong, o ile a ba mokhachane ka selemo sa 2022. ‘M’e oa hae o ile a mo qobella ho ea lithupelong tsa bokhachane le ho pepa setsing sa bophelo.
Molikaliko Health Centre, e leng setsi sa bophelo se haufi le Ha Moraka. Ho fihla le ho khutla setsing sena, Lineo le sechaba sa Ha Moraka ba tsamaea lihora tse ka bang 12. Ka lebaka la leeto le lelelele, ba bangata ba qetella ba kopa boroko tseleng.
Empa Lineo o ne a hloile lithupelo tseo ka pelo eohle, ‘me maikutlo a hae a mpefala haholo hobane o phoquoe ke ntate oa ngoana oa hae. O ile a etsa qeto ea ho se robaletse tseleng, a tsamaea le bosiu.
Taba ena e ne e beha bophelo ba Lineo kotsing. “Ke utloa hore ke ikamohetse hore le ha motho a ka hlaha moo a mpolaea, ho lekane ka nna,” ho bolela Lineo.
Mamela puisano e felletseng pakeng tsa mohlophisi oa Uncensored News, Pascalinah Kabi, le Lineo Koloane Ha Moraka, Mokhotlong ka la Phupu, 15 2024.