Search for:

Mekhatlo e Sebetsanang le Toantšo ea HIV/AIDS Lesotho e Sola Muso

20 Hlakola 2025 ka Pascalinah Kabi

Mekhatlo e sebetsanang le toantšo ea HIV/AIDS e nyatsa muso oa Lesotho ka ho se itokisetse ho ikemela ka lichelete ntoeng khahlanong le HIV/AIDS.

Mookameli oa Basali ba Phelang le Tšoaetso ea HIV Lesotho, ‘Mamoletsi Moletsi, o itse liqeto tsa mopresidente oa Amerika, Donald Trump, tsa ho emisa lithuso matsatsi a 90 li ne li lokela ho fumane Lesotho le se le ikemiselitse maemo a joalo.

“Re leboha muso oa Lesotho ka ho re rekela litlhare, feela haeba ka mora lilemo tse ngata ha kaalo re ntse re lutse mona re tsitsipane, ke ho bolela hore phoso e teng,” ho rialo Moletsi.

Moletsi o buile sena ‘mokeng oa litaba o neng o tšoaretsoe Maseru, moo mekhatlo e fetang 30 e neng e bokane ho tšohla kamoo liqeto tsa Trump li amang toantšo ea HIV/AIDS Lesotho.

Mamela polelo ea Moletsi mona:

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required