Mohoebi o Qosa ‘Muso ka ho Lema le ho Kotula Tšimong ea Hae Ntle le Tumello
18 Hlakola 2025 ka Pascalinah Kabi
Liteboho Thokoane, mohoebi ebile e le sehoai, o qosa muso oa Lesotho ka ho lema le ho kotula tšimo ea hae ntle le tumellano efe kapa efe lipakeng tsa hae le muso tlasa leano la temo-‘moho (block farming).
Thokoane, eo tšimo ea hae e leng Kolonyama, sehlabeng sa Mohloka-qala, o re pelaelo ea hae ke hore ba neng ba abetsoe mosebetsi oa ho lema masimo tlasa lenaneo la temo-‘moho ba ikhethetse ho lema tšimo ea hae ntle le tumello, ka morero oa ho eketsa meputso ea bona.
“Ntho ena eo batho bana ba e entseng—ka ha matona a ile a ithekela literakere ’me ba tšelloa mafura ke muso—ke ho eketsa liekere e le hore ba pataloe haholo. Joale ba se ba lema ntho e ngoe le ngoe feela,” ho rialo Thokoane puisanong le Uncensored News ka la 13 Hlakola 2025.
Thokoane o re ho bonolo ho muso ho lema masimo ntle le tumello ea beng ba ona sehlabeng sa Mohloka-qala, kaha boholo ba beng ba masimo ao ba phela Afrika Boroa. O re eena o lula Maseru, ’me o ile a utloa ka motho eo a neng a mo hirile ho teratela tšimo ea hae hore muso o lemme tšimo eo.
“Le ha masimo a lengoeng beng ba ona ba e-na le likonteraka tseo ba li tekenneng le muso, nna ea ka e lengoe ho sena konteraka e joalo. Ha ho fihla nako ea kotulo, ke utloile ke se ke joetsoa ke moahisani hore o ntse a kotula tšimong ea hae, na nna ke entse makopokopo a makae,” ho rialo Thokoane.
Mongoli e Moholo oa Lekala la Temo, Thabo Moleko, o bolelletse Uncensored News hore Ofisiri ea Temo Leribe (District Agricultural Officer) Tšiu Mphanya, o ntse a sebetsa litaba tsa Thokoane.
“Khotso, ’M’e. Ke ntse ke buoa le Ntate DAO (District Agricultural Officer) Leribe. O re o ntse a sebetsa taba ena. Ke kopa ho u fa linomoro tsa hae,” ho rialo Moleko.
Liteko tsa ho fumana Mphanya ha lia atleha. Ka la 17 Hlakola 2025, ka hora ea 11:31 hoseng, Mphanya o bolelletse Uncensored News hore o kena phuthehong ’me o tla letsetsa hang ha e fela.
“E re ke tle ke u letsetse, ’M’e Pascalinah, ha ke tsoa phuthehong feela. Hona joale ke kena ka phuthehong, ke tla u letsetsa re buoe ka tsona,” ho rialo Mphanya.
Leha ho le joalo, ho fihlela ka hora ea 11:00 hoseng ka la 18 Hlakola 2025, ha re phatlalatsa litaba tsena, Mphanya o ne a so letsetse.
Ho sa le joalo, Thokoane o tiisa hore tšimo ea hae e ile ea lengoa ntle le tumello ea hae nakong ea temo ea 2023/24. Thokoane o re ketso ena ea muso e mo baketse tahlehelo ea lekeno, kaha sena se mo sitisitse ho lema soya beans tšimong eo.
Thokoane o re se mo koatisang haholo ke hore muso o ntse o mo bapala ka likoaeloana ha o lokela ho mo fa karolo ea hae ea koro, ho latela mokhoa oa tšebetso oa temo-‘moho. Tlasa leano lena, muso oa Lesotho o nka liphesente tse 80 tsa kotulo, ha mong’a tšimo a fumana liphesente tse 20.
Thokoane o re o mathile liofising tsa Lekala la Temo ho tloha ka Pherekhong 2024, eaba o khathala matla ka Mphalane selemong se tšoanang. O re leeto la hae le ile la qala hape ka Pherekhong 2025, moo a qetelletseng a letselitse Mongoli e Moholo oa Lekala la Temo, Thabo Moleko.
“Ntate Thabo Moleko, eo e leng Mongoli e Moholo oa Lekala la Temo, o ile a mpha aterese ea email, ka mo romella email ka la 20 Pherekhong. O ile a nkaraba ka la 22 a re o ntse a sebetsa taba ea ka.
“Beke e fetileng ka Labone (la 6 Pherekhong 2025), motho e mong o ile a nletsetsa a re o sebetsa ofising ea Leribe, ’me o utloa ho thoe a sebetse litaba tsa ka tsa koro. O ile a mpotsa hore na mekotla ea ka e mekae.
“Ke ile ka mo araba ka re taba ena e mphoqa, hobane ba ile ba kotula tšimo ea ka ke le sieo, ha ke tsebe letho—ke eena ea lokelang ho mpolella. O ile a re ho lokile, o tla batla datasheet ea mono. Empa esale a re o tla khutla ka pampiri eo ho tloha ka Labone, mohlomong ba ntse ba e pheha,” ho rialo Thokoane.