Monna o Kenya Letsolo Tlhokomelong ea Tikoloho Maputsoe
13 Tsitoe 2023 ka Pascalinah Kabi

Monna oa Maputsoe, Paseka Lentsoenyane, o kentse letsoho tlhokomelong ea tikoloho Lesotho. Setšoantšo ka Pascalinah Kabi.
Likhoeli tse nne pele ho tlhaho ea ngoana oa monghali Paseka Lentsoenyane le molekane oa hae, Lentsoenyane o ile a ba le mohopolo oa hore na ebe lelapa lena le ka etsang ho baballa tikoloho.
Lebaka ene e le hobane lelapa la Lentsoenyane le ne le tlo sebelisa maleiri a lahloang, ‘me le sa batle ho silafatsa tikoloho ka maleiri ana.