Monamoli O Mamela Sello Sa Sechaba Sa Pae-lea-Itlhatsoa Ka Metsi A Litšila
26 Hlakola 2025 ka Monyane Khau
Ofisi ea Monamoli etetse Mokhotlong ka la 25 Hlakola 2025 ho mamela sello sa sechaba sa Pae-lea-Itlhatsoa, moo baahi ba bang ba leng seboko ka hore morafo oa Letšeng o silafatsa metsi ao bophelo ba bona bo itšetlehileng ka ’ona letsatsi le letsatsi.
Ketelo ena e tlile ka mora hore Ofisi ea Monamoli e fumane lengolo ho tsoa ho MNN Centre for Investigative Journalism mathoasong a selemo sa 2023, e kopa Monamoli ho fuputse morafo oa Letšeng ka tšilafatso ea metsi.
MNN Centre for Investigative Journalism e kentse kopo kamora ho phethela lipatlisiso tse tebileng tse neng li tšehelitsoe ke Bertha Foundation tlasa lenaneo la bona le ileng la hapuoa ke Pascalinah Kabi ka selemo sa 2022.
Maretšepeli Motanyane, Mookameli oa Liphuputso (Manager Investigations) ofising ea Monamoli, o hlalosilitse sechaba sa Mokhotlong hore ofisi ea habo ha e nke lehlakore litabeng tseo e li fuputsang, empa e mamela mahlakore ohle pele e ka phethela liphuputso.
“Re tlile ho lona sechaba ho utloa hore na le tseba botebo ba taba ee? Rona re mona ho netefatsa litaba tse buuoang. Re batla ho tseba hore na le fumane thuso? Ka linako tse ling, tletlebo e qhaloa ka lebaka la ho haella ha bopaki,” ho hlalosa Motanyane.
Haeba Ofisi ea Monamoli e fumana hore taba ena ea tšoareha, Motanyane o itse Monamoli Akhente Tlotliso Polaki o tla fana ka tlaleho hang ha a qeta liphuputso tsa hae.
Ke pitsong ena moo baahi ba ileng ba arohana ka maikutlo: ba bang ba hanne litlaleho tse reng morafo o silafatsa metsi, ba bang ba li nka e le litaba tsa khale, athe sehlopha se seng sona se tiisitse qoso ea hore morafo oa Letšeng o silafatsa metsi.
Liphuputso tsa MNN Centre for Investigative Journalism tsa 2022 li bontšitse hore morafo oa Letšeng o ile oa amohela lekunutung hore tšebetso ea ona ea ho fata taemane e silafatsa metsi a linokana tsa Patising le Maloraneng. Linokana tsena li fepela noka e Khubelu, eo letamo la Polihali le tlang ho hahuoa mateanong a eona le noka ea Senqu tlasa Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho Mokhotlong.
Ka selemo se tšoanang, MNN Centre for Investigative Journalism e fumane tlaleho e patiloeng ea Morero oa Metsi a Lihlaba tsa Lesotho e bontšang hore merafo ea Letšeng, Kao, Mothae le Liqhobong e silafatsa metsi.