Lesotho le Thakhola Boithuto ba Bolepi ba Basotho
18 Loetse 2024 ka Pascalinah Kabi
Nakong ena eo naha ea Lesotho e tobaneng le litlamorao tse bosula tsa phetoho ea boemo ba leholimo, Lefapha la Bolepi le thakhotse boithuto bo tebileng ka tsebo ea Basotho litabeng tsa bolepi.
Ho ea ka ofisiri ea Lefapha la Bolepi, Mosuoe Letuma, boithuto ba tsebo ea Basotho litabeng tsa bolepi bo tla thusa hore hobe le kutloisiso le tsebo e tšoanang litabeng tsa phetoho ea boemo ba leholimo.
Boithuto bona bo tsoela-pele nakong eo Lesotho le leng maqakabetsing a litla-morao tsa phetoho ea boemo ba leholimo. Litlamorao tsena li kenyelletsa komello e bakileng hore ebe Basotho ba likete tse makholo a supileng (700 000) ba tlokotsing ea tlala ka ha temo ea Lesotho e itšetlehile haholo ka pula.
Ha joale, tsebo ea mahlale le tsebo ea setso ha li lumellana ka tlhaloso ea hore na phetoho ea boemo ba leholimo e bakoa ke eng. Bo-ramahlale ba re phetoho ea boemo ba leholimo e bakoa ke likhase tse lahleloang sepaka-pakeng. Empa ka ho le leng, Basotho ba bang ba lumela hore phetoho ea boemo ba leholimo e bakoa ke ho fetoha hoa litloaelo le meetlo ea Basotho joaloka ho pata boloka bafu har’a motšeare.
Ho hlakola pherekano ena, Letuma o bolelletse sechaba sa Sehlabeng-sa-Thuoathe, Berea, ka la hlano Loetse selemong se holimo hore Lefapha la Bolepi le kene boithutong ba tsebo ea setso litabeng tsa bolepi.
“Officing tsa habo rona mane re ntse re etsa boithuto ka litaba tse teng hobane Basotho, ho na le tsela tsa bona tseo ba neng ba lepa tsona litaba tsena tsa boema ba leholimo, ‘me litaba tseo, ha hona moo li ngotsoeng teng,” ho rialo Letuma.
O tsoetse pele ho hlalosa hore tse ling tsa litsebo tseo Basotho ba nang le tsona ka litaba tsa bolepi kapa boemo ba leholimo, ha li ea ngoloa le ho netefatsoa.
“Joale re le Lefapha la Bolepi, re kene ka mehato ho bona hore re bokelletsa litaba tseno. Re tlo tla re sheba bolepi ba Basotho moo bo lumellana le bona ba mahlale, ebe re tla tseba ho phatlalatsa litaba tseno,” ho rialo Letuma.
“Eleng hore ha ke choo tjena ke re, hona le moo e ka nnang eaba re tla hana-hanana hanyane le bolepi ba Basotho, empa re re re ntse re le ka hare le ho netefatsa litaba tseno.”
Mekhoa le meetlo
Ho ea ka Malefetsane Liau, moetapele oa Lekhotla la Mekhoa le Meetlo, o re mokhatlo oa habo o loanela tšireletseho ea mekhoa le meetlo ea ngoan’a Mosotho. Liau o re ho lula ho bonahala bolutu bo tšabehang ka hare ho Basotho, nako eohle ha ho qokuoa ka litaba tsa mekhoa le meetlo ea Basotho.
“Ke le mo kana ke na le boithuto bo tebileng hore ho tloha ke hlaha ke le ngoana, Lesotho mona, ho na le litaba tse neng li tebileng, tseo re neng re li hlomphisoa, tse matla ka mokhoa o makatsang.
“Ho ntse ho buoa ho thoe ha u etsa tjena, u tla senya leholimo lena, o tla senya mobu oa rona, o tla re senyetsa, o tla senya le sechaba sa rona,” ho rialo Liau.
Liau o ile a tšoaela potsong e ileng ea lebisoa ho Letuma. “Hona le potso e botsueng ntate Letuma mona e kholo, hore na ntate Letuma, ha u re pula e tla na ka khoeli ea leshome le metso e ‘meli, joale rona re lema ka khoeli ea robeli mona, joale ba atlehang e le bane ba qalileng ho fosa, bane ba nepeling e le bane ba sa atlehe, e bitsoang ha e le joalo?
“Re hona ho ntse ho thoe lona bo-ntate le se ke la etsa tjena le bo-‘m’e. ke bone ke le mo kana hore na lebabo le ne le bakoa keng, ho thoe se ka etsa tjena u tla etsa ho bajoe ka pele, ke li bone litho tsena kaofela.”
Liau o elelitse morena oa Sehlabeng-sa-Thuoathe, Koali Masupha, le sechaba sa habo hore “ha re nneng re hate se moetlo, re se ke ra baleha meetlong ea rona.
Tsebo ea setso
Ho sa le joalo, ho ea ka boithuto ba selemo sa kete-peli, mashome a mabeli a metso e ‘meli bo phatlalalitsoeng ke Environment Science and Policy, ke bonyane batho ba limilione li mashome a mahlano bao e leng matsoalloa a Afrika. Bongata ba matsoalloa a na a Afrika ke lihoai, balisana le batho ba phelang ka ho tsoma.
“Tsebo ea setso le ea lehae (indigenous and local knowledge) e khethiloe e le ea bohlokoa haholo litabeng tsa ho fumana malebela a ho phela nakong ea phetoho ea boemo ba leholimo Afrika,” ho rialo lingoli tsa ‘The role of indigenous knowledge in climate change adaptation in Africa’.
Boithuto bona bo khothalletsa linaha ho tsitlallela ho ithuta haholo ka tsebo ea setso litabeng tsa phetoho ea boemo ba leholimo, ka ha tsebo ea setso e na le tsebo e ngata haholo litabeng tsa tikoloho, haholo-holo mabapi le mefuta ea lintho tse phelang, tsamaiso ea mobu le metsi.
“Tšoaetso e khethehileng ea temana ea “tsebo ea tsamaiso” le kamano ea eona e matla le mantsoe a mang e bontša hore tsamaiso ea tsebo e bohlokoa ho netefatsa hore tsebo ea setso (indigenous and local knowledge) e sebelisoa ka nepo bakeng sa ho ikamahanya le phetoho ea boemo ba leholimo,” boithuto bona bo qetelletse tjena.
Phetoho ea boemo ba leholimo keng?
Ho sa le joalo, Letuma o re phetoho ea boemo ba leholimo ha e bakoe ke ho pata bafu har’a motšeare kapa ha bana ba ja ba eme monyako.
“Ka nnete boithuto bo netefalitsoeng makhetlo le makhetlo, bo ntseng bo tsoela-pele bo supa hore phetoho ea boemo ba leholimo e bakoa ke likhase tse lahleloang sepaka-pakeng mane. Ha linaha li ntse li hola moruong, li qetella li lahletse likhase tsena sepaka-pakeng mono.
“Likhase tsena li etsa lerisa kapa leru, kapa lera le lumellang hore mahleseli a letsatsi ha a hlaha holimo mane, a ntse a le matla, ebe a tla phunyelletsa a tle tlase mona ho rona. Empa ha a tloha tlase mona a se a khutlela holimo, a se a sena matla a lekaneng ho ka phunyelletsa lerung leno leo likhase tsena li le etseng, joale a se a qetella a le ka tlase ka mona,” ho rialo Letuma.
2 Comments
Good article kannete, thuto ena e hloka ho anela naha
Ke khothaletsa hore lipalo li se ke tsa ngoloa ka mantsoe
Rea leboha Pinkie Moletsane, re ananela khothaletso eo ea hao.