Search for:

Sechaba Se Eletsoa Ho Hlahloba Seboko Sa Lebotho Masimong

13 Hlakubela 2025 ka Itumeleng Lebajoa

Lekala la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo le eletsa lihoai ho lula ba falimehile le ho tlaleha hang-hang ha ba bona seboko sa lebotho (African armyworm) se hlasetseng naha ea Lesotho.

Phala ea Lekala, Lereko Masopha, o re ke bonyane libaka tse supileng seterekeng sa Mohale’s Hoek tse hlasetsoeng ke seboko sena. Ho latela Masopha, seboko sa lebotho se fumanoe Ha Tsoloane, Matebeng Ha Arthur le Ha Mapooane tse fumanehang Taung; Ha Mokhesi, Ha Mokhatla le Makhineng tse fumanehang Liphiring; ha ‘moho le Manganane e fumanehang Makhaleng, Mohale’s Hoek.

“Libaka tsena tseo ke seng ke li boletse, ke moo ho fumanoeng hore ehlile ho na le bothata ba seboko sena sa lebotho,” ho rialo Masopha puisanong le Uncensored News ka la 12 Hlakubela, 2025.

O boetse a bolela hore libaka tse ling tse ntseng li hlahlojoa li kenyelletsa setereke sa Mafeteng. Masopha o itse Lekala le se le qalile ho fihlela libaka tse amehileng ka lifafatsi le chefo.

“Lekala la Temo le se le nkile khato ka ho romela lisebelisoa tse kenyelletsang lifafatsi le lichefo metseng e anngoeng ke seoa sena, e le ho thusa ho laola boemo bona,” ho rialo Masopha.

Sechaba se phuthile matsoho

Masopha o boletse hore Lekala le anngoe ka matla ke bofokoli ba tšebelisano le sechaba tabeng ea ho beha boemo bona taolong.

“Libakeng tse ling, mosebetsi oa thibelo o ntse o tsoela-pele, empa ha se ka lebelo leo re neng re lebelletse. Re ne re tšepile hore ha re fihla le lisebelisuoa, sechaba se tla nka karolo e matla ho loantša seoa sena. Empa ho bonahala sechaba se sebetsa ka monyebe haholo,” ho rialo Masopha.

Leha ho le joalo, o hlalositse hore mosebetsi oa Lekala o ntse o tsoela pele, ‘me ba ntse ba tsoela pele ho hlahloba libaka tse amehileng. O boetse a supa qholotso e ‘ngoe e leng hore seboko sena se beheloa ke serurubele se fofang, ‘me moo seboko sa lebotho se bonahalang, ke mahe a qhotsitsoeng. Sena se bolela hore seboko sena se ntse se ata ka potlako, ‘me Lekala ha le tsebe hantle hore na hona joale se ho kae ka nepo.

“Re malala-a-laotsoe ho amohela litlaleho mabapi le moo seboko sena se leng teng, le moo ho nang le maikutlo a hore se ka behetse teng. Re ipiletsa ho sechaba hore mang kapa mang ea bonang seboko sena sa lebotho a tsebise morena, mocouncilara kapa Lekala la Temo,” ho rialo Masopha.

O hlalositse hore seboko se setšo-nyana, se na le bosehla, ‘me se tsamaea ka bongata, se hlasela masimo, makhulo le libaka tse ling tse nang le limela.

“Re eletsa sechaba ho hlahloba masimo a bona kamehla hobane seboko sena se kotsi haholo; se ja meroho le sohle se setala, ‘me se hloka ho laoloa kapele,” ho phethela Masopha.

Please Share Our Content To Help You Own Your Story
0
0

Leave A Comment

All fields marked with an asterisk (*) are required